13/04/2026
LITEBOHO HO BOHLE BA RE FILENG TS'EHETSO.
Rele Makhomosha FC re rata ho nka monyetla ona ho leboha bohle sechaba sa Thaba-Tseka se ileng sa re ts'ehetsa kamora ho emela setereke, ba ileng ba re sala morao hotloha kahara teropo ea Thaba-Tseka ho leba Mants'onyane Bocheletsane, re le leboha ho menahane.
Libapali tsa lihlopha tsa B division Thaba-Tseka rea leboha bang rele bone, empa ka ho khetholoha libapali tsa Thaba-Tseka United FC le botsamaisi ba teng kannete re le bone, Captain Phetoho Motsomi le lebotho lahau rea leboha , Captain ea City Stars FC Motlalepula Malefane ntate re u bone le uena u le motho rea u leboha.
Re boele re lebohe sechaba sa tikoloho ea Mants'onyane se bileng teng ho ts'ehetsa Makhomosha FC rea leboha kaofela re le hlomphile re re leka moso sechaba sa ha abo tonakholo.
Empa ka ho khetholoha hohle re lebohe litho tsa Sehlopha se seng fela sa rona Thaba-Tseka se A division eleng Rangers FC, ka komiti ea sona , bats'ehetsi ba bona be sale ba bina ba thoholetsa libapali tsa rona , tseling tsa libapali tsa Rangers batho baheso rea ananela ebile rea leboha , REA BATHONG.
Ka ho khetholoha hape re rata ho leboha monna enoa a sets'oantsong katlase , Captain ea Rangers FC Ntate Ts'eliso Matekane, ea bileng le sehlopha sa rona ka bots'ehetsi ho tloha morao haholo league e qala ho tla fihlella li-playoffs tsa setereke hofeta ho fetela Mants'onyane aba teng aba a ts'ehetsa le ka phoofo h**e bo mphato oa hae ba tiise ka maleng, ntate rea u leboha u hlohonolofale.
Mants'onyane Radio Station re u bona kamehla ka nako tsena 'me rea tankisa le ho uena.
Re lekile ho le thabisa 'me ra phoqeha ba bohle lehlohonolo la hana tuu ka lehlakoreng la rona la lumela AC TIP.
re re le kamoso baheso, le ba sitiloeng ho fihla ba re ts'ehetsa ka moea le lipelo kannete rea leboha.
KHORO E 'NGOEβοΈ