15/06/2026
Ha re ntse re itokisetsa sehla se tlang sa Lesotho Premier League 2026/2027, Mzamane FC e fetisa liteboho tse kholo ho Honourable Thuso Jacob Makhalanyane, letsoalloa la Mokhotlong, ka ho phethahatsa lits'episo tsa hae tsa ho leboha banna le basali ba Mokhotlong ba ileng ba ithaopa ho netefatsa h**e lebala la lipapali le fihlela maemo a hlokahalang h**e le tsebe ho amohela lipapali tsa rona tsa hae (Home Games) tlasa lipehelo tsa league e kholo.
Mzamane Football Club e ananela boitelo le tšehetso eo Ntate Jacob Makhalanyane a tsoelang pele ho e bontša le nts'etsopele ea lipapali seterekeng sa Mokhotlong. O na le merero e metle e shebaneng le bacha ba Mokhotlong, 'me o ikemiselitse ho kenya letsoho h**e papali ea bolo ea maoto e hole le ho fana ka menyetla e mecha ho bacha ba setereke seo a hlahetseng le ho holela ho sona.
Re lumela h**e ka tšebelisano-'moho pakeng tsa baetapele, sechaba le barati ba lipapali, Mokhotlong e ka ba setsi se matla sa nts'etsopele ea talenta ea bolo ea maoto Lesotho.
"Hammoho re aha bokamoso bo khanyang ba bolo ea maoto Mokhotlong."