04/04/2020
SEPHETHO SA CORONAVIRUS SE QETA HO FIHLA: LESOTHO LE NTSE LE SENA LEFU LA COVID 19
Lekala la bophelo la naha ea Lesotho le sa tsoa nts’a phatlalatso ea sephetho sa batho ba 3 se neng se saletse morao Afrika Boroa, ho fihleletse mona, naheng ena ea Moshoeshoe ha ho na lefu la Covid 19.
Empa naha e sa kentse linala fats’e ho bona h**e lefu lena ha le its’eme bora kahara sechaba sa Basotho, sena se kenyeletsa ho etsa lithibella ka mafapha a ts’ireletso h**e batho ba qobe ho iphumana ba khobokane nqa e le ngoe, ka ho fokotsa maeto hara tse ling, le ho ea likerekeng, likolong kapa meketeng le litsing tsa boithabiso.
Sechaba se koptjoa ho tsoelapele ho lula se hatlela matsoho khafetsa ka mokelikeli o nang le joala bo boima (80% alcohol), ho siea sebaka sa maoto a mararo lipakeng (1 metre distance) le ho ikoahela ha ba khohlela.
Tlaleho e feletseng e ka fumanoa seealemoeeng sa Lesotho ka hora ea pele thapameng ea kajeno.