05/07/2024
Ke na le lilemo tse tharo ke le Coach ea youth football. Selemong sa pele (2021) re ile ra bapala league ea under 15 moo re neng re le li team tse 7 leotong la Pele, eaba ho eketsa ka team e le ngoe leotong la bobeli.
Re ile ra nka league eo re hlotse lipapali tse 12 eaba re bapala ka ho lekana ho tse 3. No loss. Re ne re ile ra tshepisoa ho lo bapala TY le team tse hlotseng lehlakoreng leo, ebe qetellong ha re hlotse re tla fuoa thepa ea bolo. Ha ho ka ha ba joalo, ke ile ka leka ho latella empa ha ho ka haeba le nko ho tsoa lemina.
Eaba league ea 2022/2023 ea qala, botsamaisi bo ile ba hloka tsamaiso ho feta e fetileng ka h**e bana bane ba se ba sa shejoe lilemo ka li birth certificate (age assessment) eaba ke khetha ho tsoa ka lehare.
U ntshepe libapali tsa ka tse hlano tse lilemo li 16 and 17 li Ile tsa nkuoa ka sehopheng se seholo sa Likulo FC, moo teng seholpha se ileng sa hapa league ea 2023/2024.
Selemong sena re kenetse league ea U12 le U15, le ha ke bona h**e ho ntse ho sena phapang tsamaisong le botshehetsing.
Ke ipiletsa ho lona batho ba ka khonang ho tshehetsa ka lichelete/sponsor lipapali tsa bana ho tloha under 13 ho ea under 20. Rea le hloka hobane bana ba hloka ho tsosoa morolo/motivate ho tloha boemong bo tlase ba tsebe ho hola hantle le talenta ena.
Le hlokomele hape h**e li Coach tsa development li bohlokoa ka ho fetisisa ka ha ele bona ba betlang bana ho tloha boemong boo ngoana asa tsebeng letho letho ka bolo ea maoto.
Lebitso la ka ke Bakuena Lepolesa, hae ke Ha Foso
Linomoro tsa ka ke 69253338
Kea leboha